Mattheu 14:28 - Sesotho 1909/1961 (SO) Petrose a mo araba, a re: Morena, haeba ke wena, laela hore ke tle ho wena hodima metsi. BIBELE Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena ke tsamaya hodima metsi.” Baasraak Sotho NT Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena hodima metsi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena hodima metsi. |
Jwale, Petrose a bua, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme re o latetse; re tla ba le eng ka hona?
Ebile Petrose o tlodisa puo, a re: Leha ho ka thwe, ke shwe le wena, nke ke ka ba ka o latola. Mme bohle ba rialo le bona.
Yaba Simone Petrose o mo araba, a re: Morena, re ka ya ho mang? ke wena ya nang le mantswe a bophelo bo sa feleng.
Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella motho e mong le e mong hara lona, hore a se ke a itekanya boholo bo tlodisang moo a tshwanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikgopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ya tumelo eo Modimo o mo abetseng yona.
Feela, a kope ka tumelo, a se ke a dikadika; hobane motho ya dikadikang o jwaloka leqhubu la lewatle le tsukutlwang, le akgelwang hohle ke moya.