Mattheu 14:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ka tebelo ya bone ya bosiu, Jesu a tla ho bona, a tsamaya hodima lewatle. BIBELE Kameso, Jesu a ya ho bona a tsamaya hodima metsi. Baasraak Sotho NT Eitse ka tebelo ya bone ya bosiu Jesu a ya ho bona, a tsamaya hodima lewatle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ka tebelo ya bone ya bosiu Jesu a ya ho bona, a tsamaya hodima lewatle. |
o thea matlo a hae hodima metsi, o etsa maru koloi ya hae, o tsamaya a kaletse mapheo a moya.
Le mpe le tsebe hobane monga ntlo, hola a ka tseba nako eo senokwane se tla tla ka yona, a ka lebela, mme a ke ke a dumela hoba ntlo ya hae e phunngwe.
Lebelang ke hona; hobane ha le tsebe mohla monga ntlo a tla tla, kapa mantsiboya, kapa bosiu bo boholo, kapa mokoko ha o lla, kapa kameso;
A ba bona ba tsielehile haholo ke ho tsamaisa sekepana, hobane moya o ne o ba hanela. Ha e batla e eba tebelo ya bone ya bosiu, a tla ho bona, a ntse a tsamaya hodima lewatle, yaka o a ba feta.
Leha a ka tla tebelong ya bobedi, leha a ka tla tebelong ya boraro, mme a ba fumana ba le jwalo, ho lehlohonolo bahlanka bao.
Yare hobane ba sesise sekepana distadia tse ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano, kapa mashome a mararo, ba tshoba ba bona Jesu a tsamaya hodima metsi, a fihla haufi le sekepana; mme ba tshaba.
le ne le tshwere bukana e phetlilweng letsohong la lona. La bea leoto le letona la lona hodima lewatle, le leoto le letshehadi hodima lefatshe;
Mme lengeloi leo ke neng ke le bone le eme hodima lefatshe le hodima lewatle, la emisetsa letsoho la lona le letona nqa lehodimong;
Lentswe leo ke neng ke le utlwile le etswa lehodimong, la boela la bua le nna, la re: Eya, o nke bukana e phetlilweng letsohong la lengeloi le emeng hodima lewatle le lefatshe.