Tshenolo 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)5 Mme lengeloi leo ke neng ke le bone le eme hodima lefatshe le hodima lewatle, la emisetsa letsoho la lona le letona nqa lehodimong; Ver CapítuloBIBELE5 Lengeloi leo ke ileng ka le bona le hata hodima lewatle le hodima lefatshe, la phahamisetsa letsoho la lona le letona lehodimong, Ver CapítuloBaasraak Sotho NT5 Lengeloi leo ke ileng ka le bona le eme hodima lewatle le hodima lefatshe la phahamisetsa letsoho la lona lehodimong. Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 20245 Lengeloi leo ke ileng ka le bona le eme hodima lewatle le hodima lefatshe la phahamisetsa letsoho la lona lehodimong. Ver Capítulo |
Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.
Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.