Tshenolo 10:5 - BIBELE5 Lengeloi leo ke ileng ka le bona le hata hodima lewatle le hodima lefatshe, la phahamisetsa letsoho la lona le letona lehodimong, Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 Mme lengeloi leo ke neng ke le bone le eme hodima lefatshe le hodima lewatle, la emisetsa letsoho la lona le letona nqa lehodimong; Ver CapítuloBaasraak Sotho NT5 Lengeloi leo ke ileng ka le bona le eme hodima lewatle le hodima lefatshe la phahamisetsa letsoho la lona lehodimong. Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 20245 Lengeloi leo ke ileng ka le bona le eme hodima lewatle le hodima lefatshe la phahamisetsa letsoho la lona lehodimong. Ver Capítulo |
Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino.
Monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya emeletseng hodingwana ho noka, a phahamisetsa matsoho a hae a mabedi lehodimong, a hlapanya ka Modimo ya phelang kamehla le mehla, mme ka utlwa a re: “E tla ba ka dilemo tse tharo le halofo. Ha matla a setjhaba se halalelang a se a fedisitswe, dintho tsena tsohle di tla etsahala.”