La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 14:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Eitse hobane a laele bongata ho dula hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba a abela bongata.

Ver Capítulo

BIBELE

Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Yaba o laela bongata hore bo dule hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a boka, a ngwatha, a nea barutuwa ba hae mahobe, mme barutuwa ba abela matshwele.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Yaba o laela bongata hore bo dule hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a boka, a ngwatha, a nea barutuwa ba hae mahobe, mme barutuwa ba abela matshwele.

Ver Capítulo



Mattheu 14:19
24 Referencias Cruzadas  

Yaba o re: Di tliseng mona ho nna.


Yaba o ba laela, a re, ba dudise batho bohle ka dihlophahlopha, hodima jwang bo botala.


Jwale ha a nkile mahobe ao a mahlano le dihlapi tseo tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le dihlapi tse pedi a di arolela bohle.


A ntoo lelalla lehodimong, a fehelwa, a re: Efatha! ke ho re: Thiboloha!


Jwale a nka senwelo, a leboha, a re: Se nkeng, le se sielane.


A ntoo nka bohobe, mme eitse hobane a lebohe, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Hona ke mmele wa ka, o neelwang lona; etsang hona hore le tle le nne le nkgopole.


Eitse ha a dutse dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.


Hobane e ne e batla ho ba banna ba dikete tse hlano. Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ba dudiseng ka dihlopha tsa ba mashome a mahlano.


Yaba Jesu o nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, hore ba a abele bongata.


Jwale, ba tlosa lejwe moo mofu a beilweng teng. Yaba Jesu o emisetsa mahlo a hae hodimo, a re: Ntate, ke a o leboha hobane o nkutlwile.


empa dikepana tse ding tse tswang Tiberiase di ne di fihlile haufi le moo ba jeleng bohobe teng, hobane Morena a lebohe,


Yare hobane a rialo, a nka bohobe, a leboha Modimo pontsheng ya bona bohle, mme ha a bo ngwathile, a qala ho ja.


Ya kgethang letsatsi, o le kgetha ka baka la Morena, mme ya sa kgetheng letsatsi, ha a le kgethe ka baka la Morena. Ya jang tsohle, o ja ka baka la Morena, hobane o leboha Modimo; mme ya sa jeng tsohle, ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo le yena.


Senwelo sa hlohonolofatso seo re se lebohang, na hase kopano le madi a Kreste na? Le bohobe boo re bo ngwathang, na hase kopano le mmele wa Kreste na?


Empa leha le eja, leha le enwa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Modimo ka tsona.


mme hobane a lebohe, a bo ngwatha, a re: Nkang, le je; hona ke mmele wa ka o robelwang lona; le etse hoo, le tle le nkgopole ka hona.


Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, ka ho bua, kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka yena Modimo Ntate.


Etlare le sa kena motseng, le tla mo fihlela a eso ho nyolohele nqalong e phahameng ho ya ja teng; hobane le setjhaba se ke ke sa eja, a eso ho fihle, etswe e le yena ya tla hlohonolofatsa sehlabelo, ho ntoo jewa ke ba memilweng. Nyolohang jwale, hobane le tla mo fihlela ka nako ena.