Yare mantsiboya, barutuwa ba hae ba mo atamela, ba re: Mona ke feelleng, le letsatsi le se le ile; o ke o kgutlise bongata, bo ikele metsaneng ho ithekela dijo.
Mattheu 14:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, a bo utlwela bohloko, a fodisa ba kulang ba bona. BIBELE Ha Jesu a etswa sekepeng, a bona letshwelehadi, a utlwela batho bohloko, mme a fodisa bakudi ba bona. Baasraak Sotho NT Yare ha Jesu a etswa, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, mme a fodisa ba kulang ba lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha Jesu a etswa, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, mme a fodisa ba kulang ba lona. |
Yare mantsiboya, barutuwa ba hae ba mo atamela, ba re: Mona ke feelleng, le letsatsi le se le ile; o ke o kgutlise bongata, bo ikele metsaneng ho ithekela dijo.
Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.
Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.
Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.
mme o mo lahletse hangata mollong le metsing, o tle o mo timetse. Empa ha o ka tseba ho thusa, re utlwele bohloko, mme o re thuse.
Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.
Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.
mme o na le matla a ho hauhela ba sitilweng ke ho se tsebe le ke ho timellwa, kahobane le yena o dikilwe ke mefokolo.