Mattheu 13:55 - Sesotho 1909/1961 (SO) Na enwa hase mora wa mmetli na? Ha re re, mmae ke ya bitswang Maria? Le banababo na hase Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda na? BIBELE Na hase mora wa mmetli wa mapolanka? Na mmae hase ya bitswang Maria, le baena ba hae hase bo-Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda? Baasraak Sotho NT Na enoa hase mora oa ’metli? Na mmae ha a bitswe Maria na? le banababo Jakobo, le Jose, le Simone, le Judase? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Na enoa hase mora oa ’metli? Na mmae ha a bitswe Maria na? le banababo Jakobo, le Jose, le Simone, le Judase? |
Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.
Ho bona ho ne ho le Maria Magdalena, le Maria, mma Jakobo le Jose, le mma bara ba Sebedea.
Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le hole; hara bona ho ne ho le Maria Magdalena, le Maria, mma Jakobo e monyenyane le Jose, le Salome.
Na eo hase mmetli na? Na hase mora Maria, ngwanabo Jakobo, le Jose, le Juda, le Simone? Bokgaitsedie na ha ba moo ho rona na? Mme ba kgoptjwa ho yena.
ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida. Lebitso la morwetsana e ne e le Maria.
Ba boleletseng baapostola ditaba tseo, e ne e le Maria Magdalena, le Johanna, le Maria mma Jakobo, le bang ba nang le bona.
Jesu o ne a batla ho ba le dilemo tse mashome a mararo, ha a qala ho ruta. Ka ho lekanya ha batho, e ne e le mora wa Josefa, wa Heli,
Ba mo pakela bohle, ba makala ke mantswe a molemo a tswang molomong wa hae, ba re: Enwa na hase mora wa Josefa na?
Mma Jesu, le ngwanabo mmae, le Maria, mohatsa Kleopa, le Maria Magdalena, ba ne ba eme pela sefapano sa Jesu.
Mme ba re: Na eo hase Jesu, mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: Ke theohile lehodimong?
Rona, re a tseba hobane Modimo o buile le Moshe; haele eo, ha re tsebe moo a tswang teng.
Ke le Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, ba boloketsweng Jesu Kreste, ke re: