Mattheu 13:54 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme hobane a fihle naheng ya habo, a ruta batho sinagogeng ya bona, ba ba ba tsota, ba re: Na enwa o nkile bohlale bo bokalo le mehlolo e mekalo kae? BIBELE a fihla motseng wa habo, mme a rutela batho tlung ya bona ya thapelo, hoo ba ileng ba hlollwa, mme ba re: “Bohlale boo le diketso tsee tse hlollang, eo o di nka kae? Baasraak Sotho NT Eitse ha a fihla naheng ya habo, a ruta sinagogeng ya bona, hoo ba bileng ba hlollwa, ba re: Enwa o nkile bohlale boo le mehlolo ee kae? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a fihla naheng ya habo, a ruta sinagogeng ya bona, hoo ba bileng ba hlollwa, ba re: Enwa o nkile bohlale boo le mehlolo ee kae? |
Ha a fihla teng, a aha motseng o bitswang Nasaretha, ho tle ho etsahale ho boletsweng ke baporofeta, ho thwe: O tla bitswa Monasarene.
Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.
Yaba Pauluse le Barnabase ba ba bolella pontsheng, ba re: Ho ne ho tshwanetse hoba lentswe la Modimo le bolellwe lona pele; erekaha le le hana, mme le ikahlola e le lona hore ha le a tshwanelwa ke bophelo bo sa feleng, bonang, re retelehela ho baditjhaba.
Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.
Bohle ba neng ba mo tseba pele, ha ba mmona a porofeta le baporofeta, ba buisana, ba re: Taba ke efe e hlahetseng mora Kishe? Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?