Mattheu 12:35 - Sesotho 1909/1961 (SO) Motho ya molemo o ntsha dintho tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae; mme motho ya lonya o ntsha dintho tse lonya letlotlong le lonya la pelo ya hae. BIBELE Motho ya lokileng o ntsha tse lokileng letlotlong le lokileng; athe motho ya kgopo o ntsha tse kgopo letlotlong le lebe. Baasraak Sotho NT Motho ya molemo o ntsha tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Motho ya molemo o ntsha tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae; |
Mantswe a ba babe ke mamena a ho tsholla madi; haele molomo wa ba lokileng, o a ba pholosa.
Motho o hlahisetswa thabo ke ho araba ha molomo wa hae; polelo, ha e boletswe ka ho tshwaneleha, e monate hakakang!
Madinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo jwang, le ena le lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo e tletseng sona.
A re ho bona: Ke moo ke reng: Mongodi e mong le e mong, ya rutilweng tsa mmuso wa mahodimo, o jwaloka motho eo e leng monga ntlo, ya ntshang dintho tse ntjha le dintho tsa kgale letlotlong la hae.
Efela sefate ka seng se monate se beha ditholwana tse monate; le sefate ka seng se sebe se beha ditholwana tse mpe.
Motho ya molemo o ntsha ditaba tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme motho e mobe o ntsha ditaba tse mpe letlotlong le lebe la pelo ya hae; hobane molomo wa motho o bolela seo pelo e tletseng sona.
Polelo e dihlong, leha e le nngwe, e se ke ya tswa melomong ya lona; empa ho tswe e ntle, e lokelang kgahiso, e tle e hlahisetse ba e utlwang molemo.
Lentswe la Kreste le ikahele ho lona ka moeno, ho le hlahisetsa bohlale bohle; le nne le rutane, mme le kgothatsane ka dipesalema, le dithoko, le difela tsa moya, le ntse le binela Morena ka dipelo tsa lona, ka bokgabane.
Le polelo tsa lona e be tse molemo kamehla, tse nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.