Lahlelang hole le lona ditlolo tsohle tsa lona, tseo le tlotseng ka tsona, le iketsetse pelo e ntjha le moya o motjha. Na le ratelang ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?
Mattheu 12:33 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kapa ereng, sefate se setle, tholwana ya sona le yona e ntle; kapa ereng, sefate se sebe, tholwana ya sona le yona e mpe; hobane sefate se tsejwa ka tholwana ya sona. BIBELE “Haeba sefate se le monate, le ditholwana tsa sona di monate, empa haeba sefate se le sebe, le ditholwana sa sona di mpe, hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona. Baasraak Sotho NT Le mpe le etse sefate se setle, le ditholwana tsa sona e be tse ntle; kapa le mpe le etse sefate se sebe, le ditholwana tsa sona e be tse mpe: hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le mpe le etse sefate se setle, le ditholwana tsa sona e be tse ntle; kapa le mpe le etse sefate se sebe, le ditholwana tsa sona e be tse mpe: hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona. |
Lahlelang hole le lona ditlolo tsohle tsa lona, tseo le tlotseng ka tsona, le iketsetse pelo e ntjha le moya o motjha. Na le ratelang ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?
Hloyang ho hobe, le rate ho hotle, le tiise se lokileng kgotla; mohla ope, Jehova, Modimo wa makgotla, a ka hauhela masala a Josefa.
Mofarisi ya sefofu! hlatswa mohope le sejana kahare ho tsona pele, bokantle ba tsona bo tle bo hlweke le bona.
Hape, selepe se se se beilwe metsong ya difate. Mme jwale, sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse molemo, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.
Na, banabeso, sefate sa feiye se ka beha ditholwana tsa mohlwaare na? Kapa morara o ka beha difeiye na? Le hona ha ho sediba se ka kollang metsi a babang le a monate.
Atamelang Modimo, mme o tla le atamela. Baetsadibe, hatlelang, mme lona ba pelo di pedi, hlatswang dipelo tsa lona.