Mattheu 12:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa a re ho bona: Na ha le a ka la bala ho entsweng ke Davida, mohla a neng a lapile le ba nang le yena; BIBELE A re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse, ha a ne a lapile mmoho le bao a neng a ena le bona; Baasraak Sotho NT Empa a re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a ileng a se etsa ha a ne a lapile le bao a neng a ena le bona? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa a re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a ileng a se etsa ha a ne a lapile le bao a neng a ena le bona? |
Bafarisi ha ba bona hoo, ba re ho yena: Bona, barutuwa ba hao ba etsa ho sa dumellweng ho etswa ka tsatsi la Sabatha.
kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa lokele ho jewa ke yana le ke ba nang le yena, e le a baprista ba nnotshi?
Kapa ha le a ka la bala molaong hobane, ka matsatsi a Sabatha, baprista ba tlola molao wa Sabatha tempeleng, mme ha ba na molato?
A ba araba, a re: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi,
Ba re ho yena: Na o utlwa seo bao ba se bolelang na? Jesu a re ho bona: E, na ha le eso ho ka le bala taba e reng: O tumisitse dithoko tsa hao ka melomo ya bana le ya ba anyang, na?
Haele ka tsoho ya bafu, na ha le a ka la bala hoo le ho boleletsweng ke Modimo, ha o re:
Ana ha le eso ho ka le bala lengolo le reng: Lejwe leo bahahi ba neng ba le lahlile, ke lona le entsweng motheo wa sekgutlo?
Haele hore bafu ba tla tsoha, hleka ha le a ka la bala bukeng ya Moshe, kamoo Modimo o buileng le yena kateng, sehlahleng, wa re: Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo?
Yaba Jesu o ba araba, a re: Na ha le a ka la bala ho entsweng ke Davida, mohla a neng a lapile le ba nang le yena,