Ke fela ke bona hobane o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo, ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye. Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.
Mattheu 12:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, a ke ke a tima lebonenyana le kubellang, e be a etse hore ho loka ho hlole. BIBELE A ke ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, le lebone le taitsang a ke ke a le tima, ho fihlela a etsa hore toka e hlole. Baasraak Sotho NT Lehlaka le tletleraneng a ke ke a le roba; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Lehlaka le tletleraneng a ke ke a le roba; |
Ke fela ke bona hobane o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo, ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye. Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.
Sehlabelo se ratwang ke Modimo, ke moya o robehileng. Modimo, ha o kgese pelo e robehileng, e hlomohileng.
O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.
Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.
Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.
Bao ha ba tlohile, Jesu a qala ho bolella bongata tsa Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang felleng? Na e ne e le lehlaka le tsukutlwang ke moya na?
Moya wa Morena o ho nna, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli, ho fodisa ba pelo tse bohloko, ho bolella ba holehilweng hore ba tla lokollwa, le ba foufetseng hore ba tla boela ba bone, ho nea ba hloriswang sebaka sa ho ikela,
Ho roriswe Modimo o re neang ho hlola kamehla ka Kreste, o hasetsang hohle ka rona monkgo wa tsebo ya wona!
Empa jwale, le tshwanetse ho mo rekolohela le ho mo tshedisa, motho eo a tle a se ke a qetwa ke maswabi a tlodisang.
Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshweu, mme ya e kaletseng a tshwere seqha; a fuwa moqhaka, mme a tloha e le ya hlolang le ya tla hlola.