Mattheu 12:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha a ka ke a omana; a ke ke a peroha; ha ho ya tla utlwa lentswe la hae diterateng; BIBELE A ke ke a nganga, leha e le ho peroha, lentswe la hae le ke ke la utlwahala diterateng. Baasraak Sotho NT A ke ke a tseka, leha e le ho bokolla; le gone ga go ope yo o tla utlwang lentswe la gagwe mo mebileng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ke ke a tseka, leha e le ho bokolla; le gone ga go ope yo o tla utlwang lentswe la gagwe mo mebileng. |
Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.
Inkeleng joko ya ka, mme le ithute ho nna; hobane ke mosa le pelo e nolo, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.
ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, a ke ke a tima lebonenyana le kubellang, e be a etse hore ho loka ho hlole.
Eitse ha Jesu a botswa ke bafarisi, hore mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: Mmuso wa Modimo ha o tle ka ho lemohuwa.
Ke le Pauluse, ke a le kgothatsa ka bonolo le ka mosa wa Kreste, e le nna eo ho thweng ke ikokobetsa ha ke le hara lona, empa ha ke se teng, ke ye ke le etsetse ka matla;