Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 17:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Eitse ha Jesu a botswa ke bafarisi, hore mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: Mmuso wa Modimo ha o tle ka ho lemohuwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Yare ha Jesu a botswa ke Bafarisi hore na Mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: “Mmuso wa Modimo ha o tle ka mokgwa o bonwang;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Eitse ha a botswa ke Bafarisi, hore na mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: Mmuso wa Modimo ha o tle ka ponahatso;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Eitse ha a botswa ke Bafarisi, hore na mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: Mmuso wa Modimo ha o tle ka ponahatso;

Ver Capítulo Copiar




Luka 17:20
9 Referencias Cruzadas  

Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;


Yaba o mpolella, a re: Ke lentswe la Jehova ho Sorababele, le reng: Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moya wa ka, ho bolela Jehova wa makgotla!


Esita lona lerole la motse wa lona, le kgomaretseng maoto a rona, re le hlohlorela ho lona; leha ho le jwalo, le tsebe hobane mmuso wa Modimo o atametse ho lona.


Ya na yare ha a kene, ka Sabatha, tlung ya e mong wa baholo ba bafarisi ho ja bohobe teng, ba mo ela hloko.


Molao le baporofeta di ile tsa tiya ho fihlela ho Johanne; mme haesale mohlang oo, mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka matla.


Eitse ha ba sa mametse taba tseo, Jesu a eketsa ho bolela setshwantsho, hobane a ne a le haufi le Jerusalema, mme ba ne ba lekanya hobane mmuso wa Modimo o tla hlaha kapele.


Jesu a araba, a re: Mmuso wa ka ha o tswe lefatsheng lena; hoja mmuso wa ka o tswa lefatsheng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntwanela, ke tle ke se ke ka neelwa Bajuda; empa jwale, mmuso wa ka hase wa mona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos