Mattheu 12:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ba laya, a re, ba se ke ba mmolela; BIBELE a ba laya hore ba se ke ba etsa hore a tsejwe; Baasraak Sotho NT A ba laya hore ba se ke ba bolela ka yena; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ba laya hore ba se ke ba bolela ka yena; |
Yare ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Pono eo le se ke la e bolella motho, Mora motho a eso ho tsohe bafung.
Jesu a re ho yena: O iponele, o se ke wa bolella motho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise mpho e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.
Mahlo a tsona a tutuboloha; mme Jesu a di laya haholo, a re: Iponeleng, hore taba eo e se ke ya tsejwa ke motho.
Jesu a ikela le barutuwa ba hae, pela lewatle, mme bongata bo boholo ba mo latela, bo etswa Galelea le Judea,
A ba laya hore ba se ke ba bolella motho, empa ha a ba laile haholo, ya eba hona ba bolelang ka ho fetisisa.