Mattheu 12:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Athe motho o fetisa nku hakakang ka boholo! Ka baka leo, ho loketse ho etsa hantle ka Sabatha. BIBELE Ha ho le jwalo, motho o feta nku hakaakang ka bohlokwa! Ka baka leo, ho a dumelleha ho etsa ho molemo ka Sabatha.” Baasraak Sotho NT Ha ho le jwalo, motho o fetisa nku hakakang? Ka baka leo, ho dumeletswe ho etsa hantle ka matsatsi a Sabatha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ho le jwalo, motho o fetisa nku hakakang? Ka baka leo, ho dumeletswe ho etsa hantle ka matsatsi a Sabatha. |
Tadimang dinonyana tsa lehodimo; hobane ha di jale, ha di kotule, ha di bokelle medikong; empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa. Ha ke re, lona le di fetisa haholo na?
A ntoo re ho bona: Haele ho etsa hantle, e le ho etsa hampe, ho pholosa motho kapa ho mmolaya, ho lokelang ho etswa ka Sabatha ke hofe na? Empa ba kgutsa.
Lemohang makgwaba; ha a leme, ha a kotule, ha a na ntlo moo a bolokelang teng, leha e le modiko; mme Modimo o a a fepa. Le fetisa dinonyana hakakang!
Ya na yare ha a kene, ka Sabatha, tlung ya e mong wa baholo ba bafarisi ho ja bohobe teng, ba mo ela hloko.
Jwale, Jesu a re ho bona: Ha nke ke le botse taba. Na haele ho etsa hantle, e le ho etsa hampe, ho pholosa motho, kapa ho mmolaya, ho loketseng Sabatha ke hofe na?