La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 11:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Le mpa le ne le ile ho bonang na? Na e ne e le motho ya apereng kobo tse bonolo na? Bonang, ba apereng tse bonolo ba matlung a marena.

Ver Capítulo

BIBELE

Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba matlung a mahosi.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa le ne le ile ho bonang? Monna ea apereng liaparo tse bonolo? bonang, ba apereng diaparo tse bonolo ba matlung a marena.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa le ne le ile ho bonang? Monna ea apereng liaparo tse bonolo? bonang, ba apereng diaparo tse bonolo ba matlung a marena.

Ver Capítulo



Mattheu 11:8
11 Referencias Cruzadas  

Ba re ho yena: E ne e le monna ya apereng boya, ya itlamileng letheka ka leqhama la letlalo. Yena a re: Ke Elia wa Thishba.


mehleng eo, Jehova a bua ka Esaia, mora oa Amotse, a re: Eya, o hlobole lesela le mahwashe le lethekeng la hao, o role dieta maotong a hao. A etsa jwalo, a ya a hlobotse, a sa rwala dieta.


Ka tsatsi leo, baporofeta ba tla hlajwa ke dihlong, e mong le e mong ka pono ya hae, ha a ntse a porofeta; ha ba sa tla apara kobo ya boya, ho bolela leshano.


Bao ha ba tlohile, Jesu a qala ho bolella bongata tsa Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang felleng? Na e ne e le lehlaka le tsukutlwang ke moya na?


Ana le ne le ile ho bonang? A e ne e le moporofeta na? E, ke rialo ho lona, ya fetisang le moporofeta.


Johanne o ne a apere kobo ya boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhaama la letlalo; dijo tsa hae e ne e le ditsie le dinotshi tsa naha.


Le mpa le ne le ile ho bonang na? A e ne e le motho ya apereng dikobo? A e ne e le motho ya apereng dikobo tse bonolo na? Bonang ba apereng dikobo tsa bokgabane, ba iphepang ka tse monate, ba matlung a marena.


Ho fihlela nako ena, re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a jabelwa, mme re hloka setsha.


Ka ba ditsietsing le bothateng, ka hloka boroko hangata, ka lapa, ka nyorwa, ka itima dijo hangata, ka hatsela, ka senyehelwa ke dikobo.


Monna ya ithatang, ya kgesang ka ho fetisa hara lona, o tla tadima ka leihlo le lebe ngwanabo, le mosadi wa sefuba sa hae, le masala a bana ba hae, ao a sa setseng le wona;


Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.