Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 11:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ka ba ditsietsing le bothateng, ka hloka boroko hangata, ka lapa, ka nyorwa, ka itima dijo hangata, ka hatsela, ka senyehelwa ke dikobo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Ka ba mesebetsing le makaqabetsing; ka hloka boroko ka makgetlo, ka lapa, ka nyorwa, ka bolawa ke tlala, ka hatsela, ka hlobola.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Ka kgathala le bohloko, ke fadimehile hangata, ka tlala le lenyora, ka ho itima dijo hangata, ka serame le ho hlobola.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Ka kgathala le bohloko, ke fadimehile hangata, ka tlala le lenyora, ka ho itima dijo hangata, ka serame le ho hlobola.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 11:27
17 Referencias Cruzadas  

Monga ka, morena, batho bao ba entse hampe ha ba entse moporofeta Jeremia jwalo, ba mo lahletse lemeneng; o se a ya shwa ke tlala moo a leng teng, hobane ho se ho se le bohobe motseng.


Empa mofuta oo wa batemona ha o tswe, haese ka thapelo le ka ho itima dijo.


Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.


Lebelang ke hona, le elellwe hobane ka dilemo tse tharo ha ke a ka ka phetsa bosiu le motshehare ho eletsa e mong le e mong wa lona ka meokgo.


Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nako e itseng, le tle le ineele ho itima dijo le ho rapela; hamorao, le ke le boelane hammoho, Satane a tle a se ke a le leka ka takatso ya lona.


Na ke bahlanka ba Kreste? — ke bua ka bowatla — teng, ke a ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka diteronko; ke bile lefung hangata;


le dikotsing, le ditlamong, le meferefereng, le ho sebetseng, le ho fadimeheng, le ka ho itima dijo;


Ke tseba ho kokobetswa, ke tseba le ho atelwa ke dintho; kahohle le nthong tsohle, ke ithutile ho kgora le ho lapa, ho ba naleng le ho ba bofumeng.


Le lona, banabeso, le sa hopotse mosebetsi le mofufutso wa rona, kamoo re le boleletseng Evangeli ya Modimo kateng, re ntse re sebetsa motshehare le bosiu, re tle re se ke ra imetsa motho, leha a le mong, hara lona.


Hape, ha re a ka ra ja bohobe ba motho feela, re mpa re sebeditse motshehare le bosiu ka thata le ka kgathalo, hore re tle re se ke ra imetsa motho hara lona.


Ba tlepeditswe ka majwe, ba sehlilwe ka disakga, ba lekilwe, ba bolailwe ka bohale ba lerumo, ba phaitse hohle, ba ntse ba apere matlalo a dinku le a dipodi, ba lahlehelwa ke tsohle, ba hloriswa, ba etswa hampe —


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos