Mme jwale, ho qala ka Abrahama, ho isa ho Davida, meloko yohle ke meloko e leshome le metso e mene; ho tloha ho Davida ho isa kgolehong ya Babilona, ke meloko e leshome le metso e mene; mme hape, ho tloha kgolehong ya Babilona ho isa ho Jesu Kreste, ke meloko e leshome le metso e mene.
Hobane Heroda eo o ne a rometse batho ho tshwara Johanne, mme o ne a mo tlamile teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo; hobane a ne a mo nyetse.
Empa, eitse hoba Heroda moteterareke a kgalemelwe ke Johanne, bakeng sa Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo, le bakeng sa tsohle tse mpe tseo a neng a di entse,