Mattheu 11:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme ba re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, molekane wa balekgetho le wa baetsadibe; empa bohlale bo ipaketse ke bana ba jona. BIBELE Mora Motho yena o tlile a eja, a enwa, yaba ho thwe: ‘Motho enwa ke monyollo le senwi sa veine, ke motswalle wa balekgetho le baetsadibe.’ Empa bohlale bo netefatswa ke mesebetsi ya bona.” Baasraak Sotho NT Mora Motho o tlile a eja, a enwa, mme ba re: Bonang, ho na le motho wa monyollo le monwi, motswalle wa balekgetho le baetsadibe. Empa bohlale bo lokafatswa ho bana ba bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mora Motho o tlile a eja, a enwa, mme ba re: Bonang, ho na le motho wa monyollo le monwi, motswalle wa balekgetho le baetsadibe. Empa bohlale bo lokafatswa ho bana ba bona. |
Ya kelello o qamakisisa bohlale pela hae, empa mahlo a lehlanya a tjhalakela pheletsong tsa lefatshe.
hobane letahwa le lenyolonyolo ba ipakela bofuma; mme ho rata boroko ho apesa motho maharaswa.
Hobane ha le rata ba le ratang, le ka ba le moputso ofe? Na balekgetho ha ba etse jwalo le bona na?
Ya na yare ha a kene, ka Sabatha, tlung ya e mong wa baholo ba bafarisi ho ja bohobe teng, ba mo ela hloko.
Bohle ba mo utlwileng le balekgetho, ha ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne, ba tlotlisitse ho loka ha Modimo.
Motho ka mong ho rona a kgahlise ngwanabo ka ho mmatlela se molemo ho yena, se ka mo hahisang.
a re: Amen! Ho Modimo wa rona e be poko, le kganya, le bohlale, le teboho, le hlompho, le borena, le matla, mehleng le mehla! Amen!