Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 11:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hobane Johanne o tlile a sa je, a sa nwe, mme ba re: O na le motemona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 “Etswe Johanne o ile a tla a sa je, a sa nwe, yaba ho thwe: ‘O na le modemona.’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Hobane Johanne o tlile a sa je, a sa nwe, mme ba re: O na le modemona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Hobane Johanne o tlile a sa je, a sa nwe, mme ba re: O na le modemona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 11:18
17 Referencias Cruzadas  

Jehu a tswela ho bahlanka ba monga hae. Ba re ho yena: Na ke kgotso na? Lehlanya leno le ne le tletseng ho wena? A re ho bona: Le a mo tseba monna eo le puo tsa hae.


Ha ke a ka ka itulela mokgatlong wa basomi ho ya ithabela teng; ka mpa ka dula ke nnotshi ka baka la letsoho la hao le ntshwereng, hobane o ntlatsitse ka hlonamo.


Jehova o o beile moprista bakeng sa moprista Jehojada, hore o nne o be mohlahlobi ka tlung ya Jehova bakeng sa motho e mong le e mong ya hlanyang, ya iketsang moporofeta, hore o tle o mo kenye metshwasong le teronkong.


Ho se ho tla ditshiu tsa hlahlobo, ho se ho tla ditshiu tsa phetetso! Iseraele o tla tseba! Moporofeta o fetohile lewatla, motho wa moya o hlanya ka baka la boholo ba bokgopo ba hao le ka baka la bora ba hao bo boholo.


Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!


ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla.


Johanne o ne a apere kobo ya boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhaama la letlalo; dijo tsa hae e ne e le ditsie le dinotshi tsa naha.


Empa bafarisi ba re: O leleka batemona ka morena wa batemona.


Bangodi ba theohileng Jerusalema, ba re: O na le Beelsebule, mme o leleka batemona ka morena wa batemona.


Hobane o tla ba moholo pela Morena, ha a ka ke a nwa veine le seno se tahang; o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.


Ba bangata ho bona ba ne ba re: O na le motemona, o a hlanya; le mo mamellang na?


Bongata ba mo araba, ba re: O na le motemona; ke mang ya batlang ho o bolaya?


Yaba Bajuda ba araba, ba re ho yena: Na ha re bue hantle, ha re re: O Mosamaria, mme o na le motemona na?


Yaba Bajuda ba re ho yena: Jwale, re a tseba hobane o na le motemona; Abrahama o shwele, le bona baporofeta; mme wena o re: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a utlwa lefu le ka mohla o le mong.


A re a sa ikarabela ka taba tseo, Festuse a phahamisa lentswe, a re ho yena: O a hlanya, Pauluse, tsebo e kgolo ya hao e o fetohetse bohlanya.


ke mpa ke laya mmele wa ka, ke ithapisetsa wona; esere mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, nna ka fumanwa ke sa lokelwa ke ho amohelwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos