Yaba ba fihla seotlong sa Athade, se leng mose ho Jordane, mme ba lla teng ka dikgapha tse kgolo tsa mahlomola; mme Josefa a dulela ntatae teng bofifi ba ditshiu tse supileng.
Mattheu 11:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla. BIBELE ba re: “ ‘Re le letseditse diletsa, empa ha le a ka la etsa motjeko! Re le binetse kodi-ya-malla, empa ha le a ka la lla!’ Baasraak Sotho NT Ba re: Re le leletse phala, mme ha le a ka la tjeka; re le llele, mme ha le a ka la lla. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba re: Re le leletse phala, mme ha le a ka la tjeka; re le llele, mme ha le a ka la lla. |
Yaba ba fihla seotlong sa Athade, se leng mose ho Jordane, mme ba lla teng ka dikgapha tse kgolo tsa mahlomola; mme Josefa a dulela ntatae teng bofifi ba ditshiu tse supileng.
Batho bohle ba mo latela, ba letsa diphala, ba nyakaletse haholo, lefatshe la ba la reketla ke modumo wa bona.
Le tla bina jwalokaha ho binwa ka bosiu ba mokete, pelo tsa lona di thabe ka thabo e tshwanang le ya ba tsamayang ka molodi wa phala, ha ho uwa thabeng ya Jehova, lefikeng la Iseraele.
Ke tla be ke o hahe; o tla be o hahuwe, morwetsana wa Iseraele; o sa tla be o itlhophe ka meropa ya hao, o tla tswa o tsamaye diemeng tsa ba nyakallang.
Empa moloko wona na ke tla o tshwantsha kang? O jwaloka bana ba dutseng mapatlelong, ba howanang le thaka tsa bona,
Jesu a re ho bona: Balekane ba monyadi na ba ka lla, monyadi ha a sa le ho bona na? Empa nako e a tla eo monyadi a tla tloswa ho bona, ke hona ba tla itima dijo.
Jesu ha a fihla tlung ya kgosana, a bona ba teang diphala le batho ba bangata ba etsang lerata le leholo.
Empa mora wa hae e moholo o ne a le naheng; eitse ha a fihla a atamela ntlo, a utlwa dipina le mehobelo.
Jesu a latelwa ke bongata bo boholo ba batho, le ke basadi ba itetang difuba, ba mo llelang.
Ba tshwana le bana ba dutseng lepatlelong, ba howanang, ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla.
Ba ne ba lla kaofela, ba mo llela; empa Jesu a re: Se lleng; ha a shwa, o mpa a robetse.