Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 50:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba ba fihla seotlong sa Athade, se leng mose ho Jordane, mme ba lla teng ka dikgapha tse kgolo tsa mahlomola; mme Josefa a dulela ntatae teng bofifi ba ditshiu tse supileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Yare ha ba fihla Seotlong sa Meutlwa, kamose ho Jorodane, ba lla sello sa mmokotsane, mme Josefa a qeta matsatsi a supileng a llela ntatae.

Ver Capítulo Copiar




Genese 50:10
16 Referencias Cruzadas  

Esau a hloya Jakobo ka baka la hlohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona, mme Esau a re ka pelong ya hae: Ditshiu tsa bofifi ba ntate di haufi, ke tla bolaya moena ka, Jakobo.


Baahi ba naha eo, Bakanana, eitse ha ba bona dikgapha tse etswang seotlong sa Athade, ba re: Bofifi bona jwa Baegepeta bo boholo. Ke ka baka lena seotlo se mose ho Jordane se reilweng Abele-Mitsraime (bofifi ba Baegepeta).


Ha feta ditshiu tse mashome a mane, hobane ditshiu tsa ba nokwang di ba kalo. Baegepeta ba mo llela matsatsi a mashome a supileng.


Eitse hobane matsatsi a bofifi ba hae a fete, Josefa a bua le ba ntlo ya Faro, a re: Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a lona, a le keng le bue ditsebeng tsa Faro, le re:


Ha ya le yena makoloi le ba dipere, letshwele ya eba le leholoholo.


Davida a qapela Saule le mora hae Jonathane pina ya malla,


Mosadi wa Uria, ha a utlwa hobane monna wa hae Uria o shwele, a rwalla monna wa hae thapo.


banna bohle ba matla ba ya, ba tlosa setopo sa Saule le ditopo tsa bara ba hae, ba di tlisa Jabeshe. Ba pata masapo a bona tlasa sefate sa terebinthe se Jabeshe, mme ba itima dijo ka matsatsi a supileng.


Yaba ba dula le yena fatshe ka matsatsi a supileng le masiu a supileng, ho se ya isang lentswe ho yena, ka ho bona hoba bohloko ba hae bo le boholo haholo.


mohla batho ba tla tshaba ho ya dinqalong tse phahameng, mme ho tla tsamauwa ditseleng ka ho tshoha; mohla amanda e tla palesa, le tshitwe e tla kgathatsa, le dijo di tla kgobohela motho, hobane o se a ikela tlung ya hae e sa feleng, mme balli ba potoloha lepatlelong;


Ya tlang ho ama setopo sa motho ofe le ofe e tla ba ya sa hlwekang ka matsatsi a supileng.


Phutheho yohle ha e bona hoba Aarone o shwele, ntlo yohle ya Iseraele ya llela Aarone ka matsatsi a mashome a mararo.


Mme banna ba bang ba barapedi ba epela Setefane, mme ba mo llela haholoholo.


Ke wona mantswe ao Moshe a kileng a a bolella Baiseraele kaofela, mose o kwana ho Jordane, feelleng, thoteng e lebaneng le Sufe, mahareng a Parane le Tofele, le Labane, le Hatserothe, le Di-Sahabe.


Bana ba Iseraele ba llela Moshe, mahwatateng a Moabe, ka matsatsi a mashome a mararo; matsatsi a dillo le a bofifi ba Moshe a ba a fela.


Ba nka masapo a bona, ba a epela tlasa sefate sa tamariske Jabeshe, ba ba ba itima dijo ka matsatsi a supileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos