La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 11:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa moloko wona na ke tla o tshwantsha kang? O jwaloka bana ba dutseng mapatlelong, ba howanang le thaka tsa bona,

Ver Capítulo

BIBELE

“Jwale moloko oo ke tla o tshwantsha le eng? O tshwana le bana ba dutseng mabaleng a metse, ba howeletsana,

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa moloko oo ke tla o tshwantsha le eng? O jwaloka bana ba dutseng mapatlelong, ba bitsang balekane ba bona;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa moloko oo ke tla o tshwantsha le eng? O jwaloka bana ba dutseng mapatlelong, ba bitsang balekane ba bona;

Ver Capítulo



Mattheu 11:16
12 Referencias Cruzadas  

Na ke tla o bolella dife? Kapa nka o tshwantsha le eng, moradi wa Jerusalema? Ke tla o bapisa le eng, ke tle ke o tshedise, morwetsana, moradi wa Sione? Hobane tshenyeho ya hao e kgolo, e kaa ka lewatle; ke mang ya ka o fodisang?


Ya nang le ditsebe ho utlwa u utlwe.


ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla.


Madinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo jwang, le ena le lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo e tletseng sona.


Kannete ke re ho lona: Tseo tsohle di tla hlahela moloko wona!


le ho dumediswa mapatlelong, le ho bitswa ke batho: Rabbi! Rabbi!


Kannete ke re ho lona: Moloko wona o ke ke wa feta, tseo tsohle di eso ho etsahale.


Thutong ya hae, a re ho bona: Sesefang bangodi ba ratang ho itsamaela ka kobo tse telele, le ho dumediswa mapatlelong;


Hape a re: Mmuso wa Modimo re tla o bapisa le eng? Re ka o tshwantsha ka setshwantsho sefe?


Ho madimabe lona, bafarisi, hobane le rata ditulo tse kapele masinagogeng, le ho dumediswa mapatlelong.


A boela a re: Mmuso wa Modimo o tshwana le eng, mme ke tla o tshwantsha kang?