Ka selemo sa bobedi sa Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, a qala ho busa.
Mattheu 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Osiase a tswala Jothame; Jothame a tswala Akase; Akase a tswala Esekiase; BIBELE Usiya a tswala Jotame, Jotame a tswala Akase, Akase a tswala Hesekia, Baasraak Sotho NT U-Oziya a tsoala Jothamu; Jothamu a tsoala-Ahazi; u-Ahazi o ne a tsoala eena; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 U-Oziya a tsoala Jothamu; Jothamu a tsoala-Ahazi; u-Ahazi o ne a tsoala eena; |
Ka selemo sa bobedi sa Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, a qala ho busa.
Yaba Asaria o orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida, mme Jothame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.
Morena Osiase ya eba molepera ho isa tsatsing la ho shwa ha hae; mme a nna a dula tlung e kathoko, e le molepera; hobane a ne a lelekilwe tlung ya Jehova. Mme Jothame, mora hae, o ne a laela tlung ya morena, a ntse a ahlola setjhaba sa naha ya Juda.
Jothame o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema; bitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Tsadoke.