Mareka 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ba a bolella barutuwa ba hae hore sekepana se nne se mo emele, ka baka la bongata, hore bo se ke ba mo hatakela. BIBELE Ka baka la letshwele a laela barutuwa ba hae hore sekepe se be haufi le yena, esere mohlomong la mo petetsa, Baasraak Sotho NT A bolella barutuwa ba hae hore sekepana se mo emele ka baka la bongata, esere ba mo petetsa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A bolella barutuwa ba hae hore sekepana se mo emele ka baka la bongata, esere ba mo petetsa. |
Jesu a boela a qala ho ruta pela lewatle, mme bongata bo boholo ba bokana ho yena; yaba o kena ka sekepaneng, a dula ho sona lewatleng; haele batho bohle, ba dula fatshe, lebopong la lewatle.
Ha ba kgutlisitse bongata, ba mo nka ka sekepana seo a neng a le ho sona; le dikepana tse ding di ne di le teng ho yena.
A re a sa tswa sekepaneng, motho ya nang le moya o ditshila, ya tswang mabitleng, a phakisa a mo kgahlanyetsa.
Jesu a mpa a phakisa a lemoha ka ho yena matla a tswileng ho yena, mme a reteleha hara bongata, a re: Ke mang ya amileng kobo ya ka?
Ka tsatsi le leng, bongata bo ne bo mo hatella ho utlwa lentswe la Modimo; o ne a eme lebopong la letsha la Genesarethe.
A kena ho se seng, e leng sa Simone, mme a mo rapela hore a se suthise hanyenyane lebopong. Yaba o dula sekepaneng, a ruta matshwele.
Jesu ha a tseba hobane ba se ba ya mo nka ka matla ba tle ba mmee morena, a boela a ya thabeng a notshi.