Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 3:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 A bolella barutuwa ba hae hore sekepana se mo emele ka baka la bongata, esere ba mo petetsa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 A ba a bolella barutuwa ba hae hore sekepana se nne se mo emele, ka baka la bongata, hore bo se ke ba mo hatakela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ka baka la letshwele a laela barutuwa ba hae hore sekepe se be haufi le yena, esere mohlomong la mo petetsa,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 A bolella barutuwa ba hae hore sekepana se mo emele ka baka la bongata, esere ba mo petetsa.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 3:9
9 Referencias Cruzadas  

Yaba o kgutlisa bongata, a kena sekepeng, a ya naheng ya Magdala.


A boela a qala ho ruta lebopong la lewatle, mme ha phuthehela ho yena letshwelehadi, hoo a ileng a kena sekepeng, a dula lewatleng mme bongata bohle bo ne bo le lefatsheng pela lewatle.


Yare ha ba kgutlisitse letshwele, ba mo nka a ntse a le ka sekepeng. Mme ho ne ho ena le diketswana tse ding ho yena.


Eitse hobane a tswe sekepeng, a phakisa a mo kgahlanyetsa monna ya nang le moya o ditshila, a etswa mabitleng.


Jesu a phakisa a tseba ka ho yena hore matla a tswile ho yena, a reteleha hara letshwele, a re: “Ke mang ya amileng diaparo tsa ka?


Yaba ba tloha ka sekepe, ba ya sebakeng se lehwatata boinotshing.


Yare ha bongata bo ntse bo mo poteleditse ho utlwa lentswe la Modimo, a ema lebopong la letsha la Genesaretha.


A kena ho se seng sa dikepe, e leng sa Simone, a mo rapela hore a se suthise ho se hokae lebopong. A dula, a ruta batho a le ka sekepeng.


Yare ha Jesu a tseba hore ba tla tla ho mo tshwara, ho mo etsa morena, a boela a tloha, a ya thabeng a le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos