Mmoledi o ne a le bohlale. A boela a ruta setjhaba ho hlalefa, a botsisisa, a batlisisa, a lokisa dipuo tsa maele tse ngata.
Mareka 10:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu ha a tloha moo, a ya meeding ya Judea, mose ho Jordane; bongata ba boela ba bokana ho yena, mme a boela a ba ruta jwalokaha e ne e le mokgwa wa hae. BIBELE Jesu a tloha moo, a ya naheng ya Judea le mose ho Jorodane; matshwele a mmokanela hape, mme a a ruta hape, jwalokaha a ne a tlwaetse. Baasraak Sotho NT Jesu a tloha teng, a ya naheng ya Judea, mose wane wa Jordane; mme a boela a ba ruta jwalokaha a ne a tlwaetse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a tloha teng, a ya naheng ya Judea, mose wane wa Jordane; mme a boela a ba ruta jwalokaha a ne a tlwaetse. |
Mmoledi o ne a le bohlale. A boela a ruta setjhaba ho hlalefa, a botsisisa, a batlisisa, a lokisa dipuo tsa maele tse ngata.
Ba nneile seholoholo, e seng sefahleho. Nkile ka nna ka ba ruta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa ho ba ruta, ba mpa ba sa ka ba mamela hore ba amohele kgalemelo.
Yaba Jesu o re ho makgotla: Le tswile hae ho tla ntshwara ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka ke leshodu! Ke ne ke ntse ke dula le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara!
Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.
Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa, ka ho mo leka, hore na monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae.
Jesu, ha a ntse a ruta tempeleng, a bua, a re: Bangodi ba bolela jwang hore Kreste ke mora wa Davida?
Ke ne ke ntse ke dula le lona ka tsatsi le leng le le leng tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara; empa e le hore Mangolo a phethahale.
Jesu a boela a tloha, a ya nqa lewatleng, mme bongata bohle ba ya ho yena, mme a ba ruta.
Eitse tsatsi la Sabatha ha le tjhaba, a qala ho ruta sinagogeng, mme ba bangata ba mo utlwang ba tsota, ba re: Taba tsena eo o di nkile kae? Keng bohlale boo eo a bo neilweng, le mehlolo e kalo e etswang ka matsoho a hae?
Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.
Mme a makala ke ho se dumele ha bona. A ntoo tjhalaka le metsana e kathoko, a ntse a ruta.
Yaba o boela a ya mose wane wa Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa teng pele; mme a dula teng.
Jesu a mo araba, a re: Ke buile le batho bohle pepeneneng, ka bua sinagogeng le tempeleng kamehla yohle, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng; ha ke a ka ka bolela letho sephiring.