Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.
Malakia 4:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le tla hatakela ba bolotsana, hobane ba tla ba jwaloka molora katlasa bohato ba maoto a lona, tsatsing le tla etswa ke nna, ho bolela Jehova wa makgotla. BIBELE Mohla tsatsi leo ke etsang tsena ka lona, le tla hatakela ba kgopo, mme ba tla ba jwaloka molora katlasa maoto a lona,” ho rialo Morena wa mabotho. |
Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.
Moo, ka ba silakanya jwaloka lerole la lefatshe; ka ba hatakela, ka ba fiela jwaloka diretse tsa tsela.
Ba soteletswa jwaloka dinku nqalong ya bafu, moo lefu e tla ba modisa wa bona; ka hosasa, ba lokileng ba tla bewa marena a bona; bokgabane ba bona bo ya fela, nqalo ya bafu ke moo ba tla aha teng.
Hobane letsoho la Jehova le tla dula thabeng ena, empa Moabe o tla hatakelwa moo a leng teng, jwaloka setroi sa koro ha se hatakelwa lemeneng la moitedi.
Morena o nyedisitse dinatla tsa ka kaofela ka ha eso, o memile ntwa ho robakanya bahlankana ba ka; Morena o hatile morwetsana, moradi wa Juda, sehatelong.
Ka bongata ba melato ya hao le ka bokgopo ba kgwebo ya hao o silafaditse dihalalelo tsa hao. Ke hona ke ntshitseng ho wena mollo o tla o tjhesa, mme ke tla o etsa thotobolo ya molora lefatsheng pela bohle ba o bonang.
Empa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng ba tla amohela mmuso, ba o rue ka ho sa yeng kae.
Borena, le puso, le matla a mebuso yohle e katlasa mahodimo kaofela, di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, marena kaofela a tla mo sebeletsa, a mo utlwe.
Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!
Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!
Ba ntlo ya Juda ba tla ba jwaloka bahale ba hatakelang dira seretseng sa mmila ntweng; ba tla lwana, hobane Jehova o na le bona, mme ba kaletseng dipere ba tla swaba.
Jehova wa makgotla o re: Bana e tla ba ba ruilweng ke nna tsatsing le tla etswa ke nna; ke tla ba qenehela jwalokaha motho a qenehela mora wa hae ya mo sebeletsang.
Modimo wa kgotso ke wona o tla phakisa o robokele Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen!
Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.
Sehatelo sa hatelwa kantle ho motse, mme ha tswa madi sehatelong, mme a phahama a ba a fihla ditomong tsa dipere, sebaka sa wona se lekane le distadia tse sekete se nang le makgolo a tsheletseng.