Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 7:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Borena, le puso, le matla a mebuso yohle e katlasa mahodimo kaofela, di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, marena kaofela a tla mo sebeletsa, a mo utlwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Mmuso le matla a puso, le botumo ba mebuso yohle e lefatsheng, tsena di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Ya Hodimodimo, eo mmuso wa hae e leng mmuso wa kamehla yohle, eo babusi bohle ba tla mo sebeletsa, ba mo hlomphe.’

Ver Capítulo Copiar




Daniele 7:27
29 Referencias Cruzadas  

Mmuso wa hao ke mmuso wa kamehla yohle, mme borena ba hao bo hlola ho isa melokong e sa feleng.


Dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla hopola Jehova, di sokolohele ho yena, mefuta yohle ya ditjhaba e tla kgumama pela hao;


Marena kaofela a tla kgumama pela hae, ditjhaba tsohle di mo sebeletse.


Ditjhaba tsohle tseo o di entseng di tla tla kgumama pela hao, Morena, di tlotlise lebitso la hao!


Ditjhaba di tla ba nka, di ba ise lefatsheng la bona; ntlo ya Iseraele e tla di rua naheng ya Jehova, e be bahlanka le makgabunyane a yona; ba tla etsa bafo ka bao ba neng ba entswe bafo ke bona, ba buse bao ba neng ba ba hlorisa.


Hobane o tla namela ka ho le letona le ka ho le letshehadi, ditloholo tsa hao, di tla rua ditjhaba, di tsose metse e masupi.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;


Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!


wa hore, bophareng bohle ba mmuso wa ka, batho ba tshohe, mme ba tshabe Modimo wa Daniele; etswe e le Modimo o utlwang, o leng teng ka ho sa feleng; mmuso wa wona o ke ke wa fediswa, le borena ba wona bo ya nne bo hlolehe ho isa bofelong.


a newa mmuso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, o ke keng wa feta, borena ba hae bo ke ke ba fediswa.


Empa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng ba tla amohela mmuso, ba o rue ka ho sa yeng kae.


ho fihlela Moholo wa matsatsi a ba a fihla, mme ho ahlolelwa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, le ho fihla mohla bahalaledi ba amohelang mmuso.


Bapholosi ba tla nyolohela thabeng ya Sione, ho ahlola thaba ya Esau, mme mmuso e tla ba wa Jehova.


Jehova e tla ba morena wa lefatshe lohle. Ka tsatsi leo, Jehova o tla ba mong, lebitso la hae le be leng.


O tla busa ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng, mme borena ba hae ha bo ka ke ba eba le bofelo.


Bongata ba mo araba, ba re: Rona re utlwile ka molao hore Kreste o tla ba teng ka ho sa feleng, mme wena, o bolela jwang hobane e ka kgona Mora motho a nyollwe na? Mora motho eo ke mang?


Hamorao, ho tla tla bofelo, mohla a busetsang mmuso ho Modimo Ntate, mme a fedisang borena bohle, le mebuso yohle, le matla wohle.


Yaba ke newa leqala le kang thupa, mme lengeloi la re ho nna: Ema, mme o lekanye tempele ya Modimo, le aletare, le batho ba rapelang ho yona.


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.


Mme o na le lebitso le ngodilweng seaparong le seropeng sa hae, le reng: Morena wa marena, le Mmusi wa babusi.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


Bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng, mme ha ba sa hloka lesedi la lebone, leha e le la letsatsi; hobane Morena Modimo o tla ba bonesa, mme ba tla busa kamehla le mehla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos