Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 22:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Moo, ka ba silakanya jwaloka lerole la lefatshe; ka ba hatakela, ka ba fiela jwaloka diretse tsa tsela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

43 Ke ba thumisa jwaloka lerole, jwaloka lerole la lefatshe, ke ba hatakela jwaloka seretse, jwaloka seretse se tseleng.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 22:43
15 Referencias Cruzadas  

Ka nna ka ba le wena le hohle moo o tsamaileng; ke bile ka fedisa dira tsohle tsa hao pela hao, ka o etsetsa le lebitso le leholo le kang mabitso a ba baholo ba lefatshe.


Joakase ha a ka a tlohellwa batho, haese bakalli ba mashome a mahlano, le makoloi a leshome, le dikete tse leshome tsa ba maoto; hobane morena wa Siria o ne a ba timeditse, a ba etsa jwaloka lerole ha le hatwa ka maoto.


Ka ba silakanya jwaloka lerole le nkwang ke moya, ka ba fiela jwaloka diretse tsa tsela.


Ba be jwaloka mooko o fefolwang ke moya, lengeloi la Jehova le ba lelekise.


Ke mo rometse ho lwantsha setjhaba se kgopo, ke mo laetse ho ya lwantsha setjhaba seo ke se halefetseng, a tle a hape dintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele jwaloka diretse tsa mmila.


O atisitse setjhaba, Jehova, o atisitse setjhaba, o itlotlisitse, o suthisitse meedi yohle ya naha.


Ke mang ya tsositseng motho botjhabela, eo poloko e tsamayang mehlaleng ya hae? Ke mang ya mo neetseng ditjhaba, ya kokobeditseng marena katlasa hae? O etsa marumo a bona lerole, seqha sa bona se ba jwaloka mooko o fefolwang.


Ke mo tsositse leboya, mme o a tla; o tswa botjhabela, ya rapelang lebitso la ka; o hatakela marena, jwaloka seretse, ka mokgwa wa mmopi wa dipitsa ha a kgoba letsopa.


Yaba tshepe, le letsopa, le koporo, le silefera, le kgauta, di robakwa hang, tsa eba jwaloka mooko o fefohang seotlong, lehlabula; tsa nkwa ke moya, mme nqalo ya tsona ha e a ka ya hlola e fumanwa; lejwe le neng le thesetse setshwantsho, la fetoha thaba e kgolo, la tlala lefatshe lohle.


Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!


Ba ntlo ya Juda ba tla ba jwaloka bahale ba hatakelang dira seretseng sa mmila ntweng; ba tla lwana, hobane Jehova o na le bona, mme ba kaletseng dipere ba tla swaba.


Jo! jo! balehang, lona ba leng naheng ya Leboya, ho bolela Jehova, hobane ke le qhalanyeditse meyeng e mene ya lehodimo, ho bolela Jehova.


Hobane bonang, letsatsi le a tla, le tjhesang jwaloka mollo wa sebopi, mme baikgohomosi kaofela le bohle ba etsang bolotsana ba tla ba jwaloka matlakala; tsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa, ho bolela Jehova wa makgotla, ho se hlole ho sala ho bona motso, kapa lekala.


Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.


Nka be ke itse: Ke tla ba fedisa, ke hlakole lebitso la bona hara batho,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos