Hobane, wena Modimo, o utlwile dikano tsa ka, o nneile lefa la ba tshabang lebitso la hao.
Malakia 2:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Selekane sa ka le yena e be e le bophelo le kgotso, mme ke re, ke ne ke mo neile tsona hore a ntshabe; a fela a ntshaba, a ba a thothomela pela lebitso la ka. BIBELE “Ke ne ke entse selekane le yena: Ka mo nea bophelo le kgotso; ka mo ruta ho ntlhompha, mme a fela a ntlhompha, a ntshaba. |
Hobane, wena Modimo, o utlwile dikano tsa ka, o nneile lefa la ba tshabang lebitso la hao.
Ya tsamayang ka bokgabane o tshaba Jehova; empa ya kgopamisang ditsela tsa hae, o a mo nyedisa.
Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso, ke etse hore dibatana di hlokahale lefatsheng; ba tla aha lefeelleng ba iketlile, ba robale merung.
Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso; e tla ba selekane se sa feleng le bona; ke tla ba tiisa, ke ba atise, mme ke tla bea sehalalelo sa ka hara bona ka ho sa feleng.
Yaba Finease, mora Eleasare, mora moprista Aarone, ha a bona hoo, a raoha hara phutheho; a tshwara lerumo letsohong la hae;
a latella monna wa Moiseraele tenteng ya hae, a ba hlaba ba babedi mpeng, monna wa Iseraele le mosadi. Yaba sewa se fela hara bana ba Iseraele.
O nke Balevi bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le dikgomo tsa Balevi bakeng sa dikgomo tsa bona, hore Balevi e be ba ka. Ke nna Jehova.
Kamora tseo, Balevi ba tla dumellwa ho etsa mosebetsi wa tente ya pokano. O tla ba hlwekisa, o ba hlahise e le kabelo e tsokotswang,