La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 5:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

A rialo kahobane tshwaso eo ya dihlapi e ne e mo makaditse, le bohle ba nang le yena.

Ver Capítulo

BIBELE

A rialo hobane yena le bohle bao a nang le bona ba hloletswe ka baka la tshwaso ya ditlhapi tseo ba di tshwasitseng.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hobane o ne a tsota, le bohle ba nang le yena, ka baka la bongata ba dihlapi tseo ba di tshwereng.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane o ne a tsota, le bohle ba nang le yena, ka baka la bongata ba dihlapi tseo ba di tshwereng.

Ver Capítulo



Luka 5:9
8 Referencias Cruzadas  

o mo laodisitse mesebetsi ya matsoho a hao; o beile tsohle katlasa maoto a hae;


le dinonyana tsa lehodimo, le dihlapi tsa lewatle, tsohle tse itsamaelang ditseleng tsa lewatle.


Hobane o ne a sa tsebe seo a se bolelang, etswe ba ne ba tshohile haholo.


Bohle ba utlwang, ba makala ke ditaba tseo ba di bolellwang ke badisa.


Ba ne ba tsota thuto ya hae; hobane a ne a bua ka borena.


Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Lentswe lena ke eng, ha a kgalemela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e etswa?


Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, Jakobo le Johanne, balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale, o tla ba motshwasi wa batho.


Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho nna, hobane ke monna wa moetsadibe.