Batshwasi ba dihlapi ba tla ema teng; ho tloha Ene-Gedi, ho isa En-Eglaime, ke moo ho tla alwa matlowa. Dihlapi tsa teng e tla ba tse mefutafuta, jwaloka dihlapi tsa Lewatle le Leholo; di tla ba ngata.
Luka 5:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Simone a araba, a re ho yena: Monghadi, re hlotse bosiu bohle re sebetsa, mme ha re a ka ra tshwasa letho; leha ho le jwalo, ka polelo ya hao ke tla akgela letlowa. BIBELE Simone a araba, a re: “Monghadi, re sebeditse ka thata bosiu bohle re sa tshwase letho, empa ho ya ka polelo ya hao ke tla lepeletsa matlowa.” Baasraak Sotho NT Simone a araba, a re ho yena: Rabbi, re sebeditse ka thata bosiu kaofela, mme ha re a ka ra tshwara letho; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Simone a araba, a re ho yena: Rabbi, re sebeditse ka thata bosiu kaofela, mme ha re a ka ra tshwara letho; |
Batshwasi ba dihlapi ba tla ema teng; ho tloha Ene-Gedi, ho isa En-Eglaime, ke moo ho tla alwa matlowa. Dihlapi tsa teng e tla ba tse mefutafuta, jwaloka dihlapi tsa Lewatle le Leholo; di tla ba ngata.
Yaba ba atamela, ba mo tsosa borokong, ba re: Monghadi, Monghadi, re a timela! Empa yena hobane a tsohe, a kgalemela moya le maqhubu a metsi; mme a kgutsa, ha esa hantle.
Jesu a re: Ke amilwe ke mang na? Ha ba latola bohle, Petrose le ba nang le yena ba re: Monghadi, bongata bo o peteditse, bo a o hatella, mme o bolela jwang, ha o re: Ke amilwe ke mang?
Bao ba re ba sa tloha ho yena, Petrose a bolella Jesu, a re: Monghadi, ho molemo ha re ka dula mona; a re etseng metlotlwane e meraro; o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia. O ne a sa tsebe seo a se bolelang.
Yaba Johanne o bua, a re: Monghadi, re bone e mong ya lelekang batemona ka lebitso la hao, mme re mo hanetse, hobane ha a o latele hammoho le rona.
Simone Petrose a re ho bona: Ke ya tshwasa dihlapi. Ba re ho yena: Le rona re ya le wena. Yaba ba ya, ba kena sekepaneng; empa ha ba ka ba tshwasa letho bosiung boo.