Mme hobane a fihle naheng ya habo, a ruta batho sinagogeng ya bona, ba ba ba tsota, ba re: Na enwa o nkile bohlale bo bokalo le mehlolo e mekalo kae?
Luka 4:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Efela le sa tla mpolella setshwantsho se reng: Ngaka, o iphodise e le wena; ntho tseo re di utlwileng di etseditswe Kapernauma, o etse tse kalo le mona naheng ya heno. BIBELE A re ho bona: “Ka sebele le tla mpolella maele ana, le re: ‘Ngaka, iphekole!’ Tsohle tseo re di utlwileng hore di etsahetse Kaperenauma, di etse le mona motseng wa heno.” Baasraak Sotho NT A re ho bona: Ruri le tla mpolella maele ana, le re: Ngaka, iphole; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Ruri le tla mpolella maele ana, le re: Ngaka, iphole; |
Mme hobane a fihle naheng ya habo, a ruta batho sinagogeng ya bona, ba ba ba tsota, ba re: Na enwa o nkile bohlale bo bokalo le mehlolo e mekalo kae?
a falla Nasaretha, a ya aha Kapernauma, motse o pela lewatle, naheng ya Sabulone le Nefthali;
Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.
Eitse hobane ba phethe tsohle tse laetsweng molaong wa Morena, ba kgutlela Galelea, ba ya Nasaretha, motseng wa habo.
Yaba o theoha le bona, a ya Nasaretha. O ne a ba utlwa; mme mmae a nna a boloka ditaba tseo kaofela pelong ya hae.
A fihla Nasaretha, moo a neng a holetse teng. Ka letsatsi la Sabatha, a kena sinagogeng ka mokgwa wa hae; mme a ema hore a bale.
Yaba o theohela Kapernauma, motse wa Galelea; mme o ne a ruta batho ka matsatsi a Sabatha.
Jesu a kgalemela motemona, a re: Kgutsa, o tswe ho yena. Yaba motemona, hobane a mo dihele hare, a tswa ho yena, a sa mo ntshe kotsi.
Kapa o ka bolella ngwaneno jwang, wa re: Ngwaneso, ntumelle, ke ntshe lehlokwana le leihlong la hao, kanthe wena, ha o tadime tshiya e leihlong la hao? Moikaketsi, qala ka ho ntsha tshiya e leihlong la hao, ke moo o tla bontshisa ho ntsha lehlokwana le leihlong la ngwaneno.
Ka baka leo, le jwale ha re sa tseba motho ka nama; esita le yena Kreste, ha ekaba re mo tsebile ka nama, jwale ha re sa mo tseba ka mokgwa oo.