Ho phethahala ho bona ho porofetilweng ke Esaia, ha a re: Ka kutlo le tla utlwa, empa le ke ke la utlwisisa; ka pono le tla bona, empa le ke ke la bontshisa.
Luka 4:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o qala ho ba bolella, a re: Kajeno, lengolo leo le etsahetse, le a ikutlwela. BIBELE A qala ka ho re ho bona: “Kajeno temana ena ya Mangolo e phethahetse moo le utlwang.” Baasraak Sotho NT A qala ho re ho bona: Kajeno, lengolo lena le phethahetse ditsebeng tsa lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A qala ho re ho bona: Kajeno, lengolo lena le phethahetse ditsebeng tsa lona. |
Ho phethahala ho bona ho porofetilweng ke Esaia, ha a re: Ka kutlo le tla utlwa, empa le ke ke la utlwisisa; ka pono le tla bona, empa le ke ke la bontshisa.
Eitse hobane a phuthe buka, a e nea mohlanka, mme a dula; mahlo a bohle ba leng sinagogeng a nna a tadima yena.
Ba mo pakela bohle, ba makala ke mantswe a molemo a tswang molomong wa hae, ba re: Enwa na hase mora wa Josefa na?
Le botsisisa Mangolo, kahobane le lekanya hore le na le bophelo bo sa feleng ho wona; athe ke wona a mpakang.
Empa Modimo o phethile jwalo ditaba tseo o neng o di boletse pele ka melomo ya baporofeta bohle ba wona, hore Kreste o tla utlwiswa bohloko.