Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 4:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Eitse hobane a phuthe buka, a e nea mohlanka, mme a dula; mahlo a bohle ba leng sinagogeng a nna a tadima yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Hoba a kwale buka, mme a e kgutlisetse ho mothusi, a dula, mme mahlo a bohle ba ka tlung ya thapelo a eba hodima hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Yaba o kwala buka, a e busetsa ho mohlanka, mme a dula fatshe. Mahlo a bohle ba ka tlung ya thapelo a ne a mo tadimile.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Yaba o kwala buka, a e busetsa ho mohlanka, mme a dula fatshe. Mahlo a bohle ba ka tlung ya thapelo a ne a mo tadimile.

Ver Capítulo Copiar




Luka 4:20
13 Referencias Cruzadas  

Yaba Jesu o re ho makgotla: Le tswile hae ho tla ntshwara ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka ke leshodu! Ke ne ke ntse ke dula le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara!


a se bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme hobane a phikolosetse lejwe le leholo pela monyako wa lebitla, a ikela.


Empa ba ne ba sa bone hore na ba tla etsa jwang kahobane setjhaba kaofela se ne se mo kgomaretse, se tle se mo mamele.


Yaba o newa buka ya moporofeta Esaia; mme ha a phutholotse buka, a fihlela sebaka moo ho ngodilweng, ho thwe:


Yaba o qala ho ba bolella, a re: Kajeno, lengolo leo le etsahetse, le a ikutlwela.


A kena ho se seng, e leng sa Simone, mme a mo rapela hore a se suthise hanyenyane lebopong. Yaba o dula sekepaneng, a ruta matshwele.


Kameso, a boela a ya tempeleng; yaba batho ba tla ho yena kaofela; mme a dula, a ba ruta.


Yare ka letsatsi la Sabatha, ra tswa motseng, ra ya pela noka, moo ho neng ho lemaletswe ho rapelwa teng, mme ha re se re dutse, ra bua le basadi ba phuthehetseng teng.


Petrose ha a bona hoo, a bolella setjhaba, a re: Banna ba Iseraele, le tsotelang taba eo? Le re hlabelang ka mahlo, jwaloka eka ke ka matla a rona, kapa ka borapedi ba rona re tsamaisitseng motho eo?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos