Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 4:20 - BIBELE

20 Hoba a kwale buka, mme a e kgutlisetse ho mothusi, a dula, mme mahlo a bohle ba ka tlung ya thapelo a eba hodima hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Eitse hobane a phuthe buka, a e nea mohlanka, mme a dula; mahlo a bohle ba leng sinagogeng a nna a tadima yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Yaba o kwala buka, a e busetsa ho mohlanka, mme a dula fatshe. Mahlo a bohle ba ka tlung ya thapelo a ne a mo tadimile.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Yaba o kwala buka, a e busetsa ho mohlanka, mme a dula fatshe. Mahlo a bohle ba ka tlung ya thapelo a ne a mo tadimile.

Ver Capítulo Copiar




Luka 4:20
13 Referencias Cruzadas  

Ka yona nako eo Jesu a re ho matshwele: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le dikoto tjee? Ke nnile ka ruta ka Tempeleng ka matsatsi wohle, empa ha le a ka la ntshwara.


a se bea ka lebitleng la hae le letjha leo a neng a le betlile lefikeng, mme hoba a phikolosetse lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha.


empa ba ne ba sa fumane seo ba ka se etsang, hobane batho bohle ba ne ba mo kgomaretse, ba mo mamela.


A neelwa buka ya moporofeta Esaya, mme hoba a e phetle, a fumana moo ho ngotsweng, ho thwe:


A qala ka ho re ho bona: “Kajeno temana ena ya Mangolo e phethahetse moo le utlwang.”


A kena ka ho se seng sa dikepe, e leng sa Simone, a mo kopa hore a se sesisetse sebakana le lebopo; hoba a dule, a ruta matshwele a le ka sekepeng.


Kameso a boela a fihla ka Tempeleng. Setjhaba sohle sa tla ho yena, mme a dula, a se ruta.


Ka tsatsi la Sabatha ra tswela kantle ho kgoro ya motse e pela noka, moo re neng re lekanya hore ho rapellwa teng. Hoba re dule, ra bua le basadi ba phuthehileng.


Petrose ha a bona hoo, a re ho bona: “Banna ba Iseraele, keng ha le makalla taba ee? Le re tadimelang jwalokaha eka ke ka matla a rona, kapa ka borapedi ba rona, re entseng hore monna eo a tsamaye?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos