Oho, o tshwana le mang, ha o le jwalo, ka kganya le ka boholo, hara difate tsa Edene? O tla dihelwa lefatsheng le katlase, hammoho le difate tsa Edene, o rapalatswe hara maqai hammoho le ba bolailweng ke lerumo. Faro o tla dula jwalo hammoho le bongata ba batho ba hae: ho bolela Morena Jehova.
A howa ka lentswe le phepa, a bolela, a re: Remang sefate, le hlaphole makala a sona; fohlang mahlaku a sona, le hasakanye ditholwana tsa sona, diphoofolo di balehele moriti wa sona, dinonyana tsa lehodimo di tlohe makaleng a sona.
Haele hobane o bone e mong wa balebedi ba halalelang a theoha lehodimong, a re: Remang sefate, le se senye; leha ho le jwalo, le siye kutu ya metso ya sona mobung, e mpe e holehuwe ka mahlaahlela a tshepe le a koporo, hara jwang ba dinaha, e be e kolobiswe ke phoka ya lehodimo, e arolelwe jwang ba lefatshe le diphoofolo tsa naha, ho fihlela ngwaha ha o feta hasupa hodima yona;
A ba bolella le setshwantsho se reng: E mong o ne a na le sefate sa feiye se hlomilweng tshimong ya hae ya merara, mme a ya batla ditholwana ho sona, mme a se ke a di fumana.
Yaba o re ho molemi wa merara: Bona; e se e le dilemo tse tharo ke ntse ke tla ho batla ditholwana sefateng sena sa feiye, mme ha ke di fumane; se reme, se thibile keng mobu feela?