Daniele 4:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)14 A howa ka lentswe le phepa, a bolela, a re: Remang sefate, le hlaphole makala a sona; fohlang mahlaku a sona, le hasakanye ditholwana tsa sona, diphoofolo di balehele moriti wa sona, dinonyana tsa lehodimo di tlohe makaleng a sona. Ver CapítuloBIBELE14 La howeletsa, la re: “ ‘Remang sefate, makala a sona le a kgethule, mahlaku le a hlohlore, tholwana le di hasanye; batana di balehe moriting wa sona, nonyana di falle makaleng a sona. Ver Capítulo |
Haele hobane o bone e mong wa balebedi ba halalelang a theoha lehodimong, a re: Remang sefate, le se senye; leha ho le jwalo, le siye kutu ya metso ya sona mobung, e mpe e holehuwe ka mahlaahlela a tshepe le a koporo, hara jwang ba dinaha, e be e kolobiswe ke phoka ya lehodimo, e arolelwe jwang ba lefatshe le diphoofolo tsa naha, ho fihlela ngwaha ha o feta hasupa hodima yona;
a lelekiswa hara bana ba batho, pelo ya hae ya etswa e tshwanang le ya phoofolo, a dula le dipitsi tsa naha, a fula jwang jwaloka kgomo, mme mmele wa hae wa kolobiswa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela nako eo a tsebileng ka yona hoba Modimo o hodimodimo ke wona o nang le mmuso hodima borena ba batho, le hoba o bea eo o ratang ho mmea ho jona.