Luka 3:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) a re ho bona: Le se ke la lefisa ho fetisa hoo le ho laetsweng. BIBELE A re ho bona: “Le se ke la kgafisa ho feta seo le se laetsweng.” Baasraak Sotho NT A re ho bona: Le se ke la lefisa ho fetisa seo le se laetsweng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Le se ke la lefisa ho fetisa seo le se laetsweng. |
Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.
Wena motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.
Mme jwale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lona; hobane ke wona molao le baporofeta.
Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.
Masole le wona a mmotsa, a re: Le rona, re tla etsa eng? A re ho wona: Le se ke la etsa motho ka matla, leha e le ka thetso; hape le kgolwe ke moputso wa lona.
Le se ke la lahleha: Haele ba ditshila, haele ba rapelang ditshwantsho, haele baboki le bafebi, leha e le basodoma, le mashodu, le ba lakatsang leruo, le matahwa, le ba sebang ba bang, le ba utswang, ba jwalo ba ke ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo.
Ya neng a utswa, a se ke a hlola a utswa, a mpe a ineele ho sebetsa dintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ya hlokang.
Jwale he, le rona ha re teetswe hare ke leru le lekalo la dipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tshwasang feela, mme re ke re mathe ka sebete peisong eo re e beetsweng,