Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 4:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ya neng a utswa, a se ke a hlola a utswa, a mpe a ineele ho sebetsa dintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ya hlokang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Ya utswang a se hlole a utswa, a mpe a tshware ka thata, a sebeletse tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho fa ya hlokang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Ya utswang a se ke a hlola a utswa, empa ho e na le hoo, a a sebetse ka thata, a sebetse se molemo ka matsoho a hae, hore a tle a be le ho abela ya hlokang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Ya utswang a se ke a hlola a utswa, empa ho e na le hoo, a a sebetse ka thata, a sebetse se molemo ka matsoho a hae, hore a tle a be le ho abela ya hlokang.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 4:28
33 Referencias Cruzadas  

o mpontshe seo ke sa se boneng; ha ekaba ke entse bokgopo, ha ke sa tla hlola ke etsa jwalo!


O se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno; o se ke wa lakatsa mosadi wa hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.


Ekare ha e mong a utswa motho, a rekisa ka yena, kapa a fumanwa matsohong a hae, a bolawe le yena.


Maruo a batlilweng ka mano a tla nne a qephe; empa ya a bokellang ka ho sebetsa, o tla atelwa ke wona.


Mosebetsi ka mong o na le moputso; empa ho qamota feela ho qephisa maruo.


Taba ya e mobe ke ho lakatsa feela tsatsi lohle, empa ya lokileng o a fana, a sa kganane.


Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.


esere mohlomong ha ke kgotshe, ka o latola, ka re: Jehova ke mang na? mohlomong ha ke fumanehile, ka utswa, mme ke tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.


O fuparollela bafumanehi seatla sa hae, o se otlollela mohloki.


Le reng? Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo;


Ho a hlapanngwa, ho a thetswa, ho a bolawa, ho a utsuwa, ho a fejwa, ho tsohelwa batho matla, mme madi a ntse a tshollwa hodima madi a mang.


Yaba le re ho nna: Lona ke thohako e tswelang hodima lefatshe, hobane e mong le e mong ya utswang o tla timetswa ka taba tsa lona tse ngotsweng ka nqa e nngwe ho lona, mme e mong le e mong ya hlapanyang o tla timetswa ka taba tsa lona tse ka nqa e nngwe.


Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.


Ha ho le jwalo, behang ditholwana tse tshwanelang pako. Le se ke la qala la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke re ho lona: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.


A rialo, e seng kahobane a ne a hlokomela bafumanehi, empa e le kahobane e ne e le leshodu; ke yena ya neng a na le mokotlana wa ditjhelete, mme o ne a inkela se kenngwang teng.


Erekaha Judase e ne e le yena ya nang le mokotlana wa ditjhelete, ba bang ba ne ba lekanya eka Jesu o mmolella, a re: O reke seo re se hlokelang mokete, leha e le se ka newang bafumanehi.


Sielang bahalaledi ha ba hloka; le be mafolofolo ho amohela baeti.


Re kgathala ke ho sebetsa ka matsoho a rona; leha re sejwa, re hlohonolofatsa ba bang; leha re hloriswa, re mameletse.


Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.


Ke hobane, mahareng a moleko wa mahlomola a maholo, thabo ya tsona ya nna ya eketseha, mme bofumanehi bo boholo ba tsona bo tsholotse monono wa ho fana ha bona.


Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ya tumelo.


Ba sebetse se molemo, ba atelwe ke mesebetsi e molemo, ba abele ba bang, ba fane;


Baheso le bona ba ke ba ithute ho phehella mesebetsi e metle, mohla e hlokwang, e tle e se be ba sa beheng ditholwana.


Polelo eo e tiile, mme ke rata hoba o omele ka matla tabeng tseo, hore ba dumetseng ho Modimo ba iponele, ba tle ba phehelle mesebetsi e metle, tse ntle, tse molemo ho batho ke tsona tseo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos