Esita le monna ya kgotsitseng ho nna, eo ke neng ke mo tshepile, ya neng a eja bohobe ba ka, o nthahile ka serethe.
Luka 22:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Satane o kena ho Judase, ya bitswang Iskariota, eo e neng e le wa palo ya ba leshome le metso e mmedi. BIBELE Yaba Satane o kena ka ho Judase ya bitswang Isekariota, eo e neng e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi. Baasraak Sotho NT Yaba Satane o kena ho Judase ya bitswang Iskariota, e mong wa ba leshome le metso e mmedi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Satane o kena ho Judase ya bitswang Iskariota, e mong wa ba leshome le metso e mmedi. |
Esita le monna ya kgotsitseng ho nna, eo ke neng ke mo tshepile, ya neng a eja bohobe ba ka, o nthahile ka serethe.
Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.
A rialo, e seng kahobane a ne a hlokomela bafumanehi, empa e le kahobane e ne e le leshodu; ke yena ya neng a na le mokotlana wa ditjhelete, mme o ne a inkela se kenngwang teng.
Ha ke bue ka lona kaofela; ke tseba bao ke ba kgethileng, empa ke hore Lengolo le tle le etsahale, le reng: Ya jang bohobe le nna o nthahile ka serethe sa hae.
Ha ho ntse ho lallwa, Diabolose a se a kentse pelong ya Judase Iskariota, mora Simone, takatso ya ho mo eka,
Empa Petrose a re: Ananiase, na Satane o hapile pelo ya hao jwang, hore o etse leshano ho Moya o Halalelang, le ho ikarolela theko ya tshimo ka nqa e nngwe na?