Empa yena a re ho bona: Motho ke ofe ho lona ya nang le nku e le nngwe, ekareng ha e wela sekoting ka Sabatha, a ke keng a e tshwara,
Luka 17:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke mang ho lona, ya nang le mohlanka ya lemang, kapa ya disang dikgomo, a ka reng ho yena, ha a sa tswa oroha naheng: Tloo kapele, o dule dijong? BIBELE “E ka ba mang ho lona, eo ha a ena le mohlanka ya lemang kapa ya alosang, ha a fihla a etswa naheng, a ka reng ho yena: ‘Tloo kapele, o dule, o je?’ Baasraak Sotho NT Empa ke ofe ho lona ya nang le mohlanka ya lemang, kapa ya alosang, ya tla re hang ha a etswa masimong a re ho yena: ’Eya o dule, o je? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke ofe ho lona ya nang le mohlanka ya lemang, kapa ya alosang, ya tla re hang ha a etswa masimong a re ho yena: ’Eya o dule, o je? |
Empa yena a re ho bona: Motho ke ofe ho lona ya nang le nku e le nngwe, ekareng ha e wela sekoting ka Sabatha, a ke keng a e tshwara,
Empa Morena a mo araba, a re: Baikaketsi! na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla kgomo ya hae, leha e le esele ya hae sejelong ka Sabatha, a tle a e ise ho nwa na?
Yaba o bua, a re ho bona: Ke mang ho lona, ekareng ha esele ya hae, leha e le kgomo ya hae, e wetse mokoting, a ke keng a phakisa ho e nyolla ka tsatsi la Sabatha na?
Morena a re: Hojane le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate seo sa sikomora: Fothoha, o ye ho itlhoma lewatleng; mme se ne se tla le utlwa.
Na haholo a ke ke a re ho yena: Lokisa seo ke tla lalla ka sona, o itlame, o ntshebeletse, ke tle ke be ke je, ke nwe; kamora tseo, wena o tla ja, o nwe?