Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 17:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Na haholo a ke ke a re ho yena: Lokisa seo ke tla lalla ka sona, o itlame, o ntshebeletse, ke tle ke be ke je, ke nwe; kamora tseo, wena o tla ja, o nwe?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Na a ke ke a mpa a re ho yena: ‘Ntokisetse dijo, o itlame letheka, o ntshebeletse ho fihlela ke qeta ho ja le ho nwa, mme kamora tsena, o ka ja, wa nwa?’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Mme a ke ke a re ho yena: Lokisa seo ke tla lalla ka sona, o itlame, mme o ntshebeletse, ke be ke je, ke nwe; mme kamora moo o tla ja, wa nwa?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Mme a ke ke a re ho yena: Lokisa seo ke tla lalla ka sona, o itlame, mme o ntshebeletse, ke be ke je, ke nwe; mme kamora moo o tla ja, wa nwa?

Ver Capítulo Copiar




Luka 17:8
6 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Josefa a bona Benjamine a le ho bona, a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Isa banna bana hae, o hlabe, o lokise; hobane banna bana ba tla ja le nna motshehare.


Yaba Davida o tsoha fatshe, a itlhatswa, a tlola, a apara diaparo disele; a kena tlung ya Jehova, a kgumama teng, a ba a boela hae, a qela dijo, mme ba mo tlisetsa, a ja.


Ho lehlohonolo bahlanka bao, morena ha a fihla, a tla ba fumana ba fadimehile! Kannete ke re ho lona: O tla itlama, a ba dudise dijong, mme o tla atamela, a ba sebeletse.


Ke mang ho lona, ya nang le mohlanka ya lemang, kapa ya disang dikgomo, a ka reng ho yena, ha a sa tswa oroha naheng: Tloo kapele, o dule dijong?


Na o tla boka mohlanka eo, kahobane a entse ntho tseo a di laetsweng? Ha ke lekanye jwalo.


a tsoha selallong, a hlobola kobo ya hae, a nka lesela, mme a itlama ka lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos