Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing.
Luka 17:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Iponeleng! Ekare ha ngwaneno a o sitetswe, o mo kgalemele; ha a baka, o mo tshwarele. BIBELE Itlhokomeleng! “Haeba ngwaneno a o sitelwa, mo kgalemele, mme haeba a baka, mo tshwarele. Baasraak Sotho NT Le itebele: Ekare ha ngwaneno a o sitelwa, o mo kgalemele; mme ha a baka, o mo tshwarele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le itebele: Ekare ha ngwaneno a o sitelwa, o mo kgalemele; mme ha a baka, o mo tshwarele. |
Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing.
O tle o iponele, esere mohlomong wa etsa selekane le ba ahileng fatsheng leo o tla fihla ho lona, ba tle ba se ke ba o fetohela leraba.
O se ke wa laya mosomi, esere mohlomong a o hloya; o laye mohlalefi, yena o tla o rata.
O se ke wa hloya wa heno pelong ya hao; o ka mo kgalemela, empa o se ke wa itjarisa sebe ka baka la hae.
Yaba hona Petrose a mo atamelang, a re: Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa, ke tla mo tshwarela hakae na? E tla ba hasupa na?
Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;
Ha ho le jwalo, iponeleng hore le tsamaye ka kelello, e seng jwaloka mawatla, e mpe e be jwaloka ba bohlale.
Lebelang meya ya lona haholo; hobane ha le a ka la bona sebopeho leha se le seng letsatsing leo Jehova a buileng le lona Horebe, a le hara mollo;
Iponeleng, esere la lebala selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a se entseng le lona, mme la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sa tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a o hanetseng le tsona.
Feela, iponele, mme o lebele moya wa hao haholo, o tle o se ke wa lebala ditaba tseo mahlo a hao a di boneng, mme di se ke tsa tswa pelong ya hao le ka letsatsi le le leng la ho phela ha hao. Hape, o di phetele bana ba hao le bana ba bana ba hao.
Iponeleng, hore e mong a se ke a haellwa ke mohau wa Modimo, monoko o mahloko o se ke wa le hlahela, wa tla wa le ferekanya, mme ba bangata ba senyeha ke wona.
Iponeleng, hore re se ke ra timellwa ke tseo re di sebeleditseng, re mpe re fuwe moputso o tletseng.