Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 34:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O tle o iponele, esere mohlomong wa etsa selekane le ba ahileng fatsheng leo o tla fihla ho lona, ba tle ba se ke ba o fetohela leraba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Hlokomela, o se ke wa etsa selekane la baahi ba naha eo o yang ho yona, esere selekane seo ya eba leraba hara lona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 34:12
15 Referencias Cruzadas  

e le ba ditjhaba tseo Jehova a neng a itse ho bana ba Iseraele: Le se ke la ya ho tsona, le tsona di se ke tsa tla ho lona, esere mohlomong tsa kgelosetsa pelo tsa lona medimong ya tsona. Salomone a di kgomarela ke ho ba rata.


Ba iketsetsa ditshwantsho le diashera maralleng wohle a phahameng, le tlasa difate tsohle tse tala.


Yaba ba furalla ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata bona, ba sebeletsa diashera le ditshwantsho; mme Jehova a halefela Juda le Jerusalema, kahobane ba ikentse molato kahoo.


ba sebeletsa ditshwantsho tsa tsona, ya eba leraba ho bona.


le tla lelekisa pela lona baahi bohle ba naha, le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tsa majwe, le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tse tsholotsweng, mme le senye dinqalo tsohle tsa bona tse diphahameng.


hore ba tle ba se ke ba le ruta ho etsa manyala wohle a bona, e leng manyala ao ba a etsetsang medimo ya bona, mme le se sitelwe Jehova, Modimo wa lona.


Jehova o tla neela ditjhaba tseo matsohong a lona, le tle le di etse ka ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona.


O tla fedisa ditjhaba tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a tla o neela tsona; mahlo a hao a se ke a di qenehela, mme o se ke wa sebeletsa medimo ya tsona, hobane hoo e ka ba leraba ho wena.


ha Jehova, Modimo wa hao, a se a di neetse matsohong a hao, mme o di qhadile, o ke o di neele anathema; o se ke wa etsa selekane le tsona, mme o se ke wa di qenehela.


Banna ba Iseraele ba re ho Baheve: Ekaba le ahile haufi le rona; re ka hlaba selekane jwang le lona?


mme ka re ho lona: Ke nna Jehova, Modimo wa lona, le se ke la tshaba medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka.


Gideone a etsa efoda ka tsona, a e bea Ofra, motseng wa habo; mme Baiseraele bohle ba itshela bootswa ka yona; ya eba leraba ho Gideone le ho bohle ba ntlo ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos