Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.
Luka 16:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha esita maruong a sa lokang le sa ka la ba kgabane, ke mang ya tla le tshepela maruo a nnete? BIBELE Ha e le moo le sa ka la tshepahala leruong le sa lokang, ke mang ya tla le tshepela la sebele? Baasraak Sotho NT Ha le sa ka la tshepahala ho Mamona o sa lokang, ke mang ya tla le tshepa maruo a nnete? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha le sa ka la tshepahala ho Mamona o sa lokang, ke mang ya tla le tshepa maruo a nnete? |
Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.
Bapatsang ka tseo le nang le tsona, mme le fane; iketsetseng mekotla e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng teng, le moo tshwele e sa senyeng.
Le nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka matlotlo a sa lokang; hore, etlere mohla a hlokahalang, ba le amohele meahong e sa feleng.
Eitse hobane Jesu a utlwe hoo, a re ho yena: O sa hloka ntho e le nngwe: Rekisa ka dintho tsa hao tsohle, mme o di abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.
Mohau oo o neilwe nna, ke leng e monyenyane ho bahalaledi bohle, wa hore ke bolele hara baditjhaba monono o sa fihlelweng wa Kreste,
Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?
ke a o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tsweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di tle di se ke tsa bonahala; o ithekele le setlolo sa mahlo, ho a tlotsa ka sona, o tle o bone.