Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 18:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Eitse hobane Jesu a utlwe hoo, a re ho yena: O sa hloka ntho e le nngwe: Rekisa ka dintho tsa hao tsohle, mme o di abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Yare ha Jesu a utlwa hoo, a re ho yena: “O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana, mme o tla ba le letlotlo lehodimong, jwale o tle, o ntatele.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Yare ha Jesu a utlwa taba tseo, a re ho yena: O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Yare ha Jesu a utlwa taba tseo, a re ho yena: O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;

Ver Capítulo Copiar




Luka 18:22
16 Referencias Cruzadas  

Ntho e teng eo ke e kopang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke dule ka tlung ya Jehova ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Jehova, ke lekodisise tempele ya hae.


Jesu a re ho yena: Ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.


kanthe ntho e hlokwang e nngwe feela; mme Maria o ikgethetse kabelo e ntle, eo a ke keng a e amohuwa.


Bapatsang ka tseo le nang le tsona, mme le fane; iketsetseng mekotla e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng teng, le moo tshwele e sa senyeng.


Le nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka matlotlo a sa lokang; hore, etlere mohla a hlokahalang, ba le amohele meahong e sa feleng.


A re: Ntho tseo kaofela ke di bolokile haesale bonyenyaneng ba ka.


Empa eo, hoba a utlwe taba tseo, a swaba haholo; hobane a ne a ruile haholo.


A ba a bolella bohle, a re: Ekare ha e mong a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntshale morao.


Banabeso, haele nna, ha ke itekanye hore ke se ke se hapile;


Feela, baratuwa, se lebaleng taba ena e le nngwe, ya hore letsatsi le le leng pela Morena le jwaloka mengwaha e sekete, le hoba mengwaha e sekete e jwaloka letsatsi le le leng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos