Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 16:11 - Baasraak Sotho NT

11 Ha le sa ka la tshepahala ho Mamona o sa lokang, ke mang ya tla le tshepa maruo a nnete?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha esita maruong a sa lokang le sa ka la ba kgabane, ke mang ya tla le tshepela maruo a nnete?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ha e le moo le sa ka la tshepahala leruong le sa lokang, ke mang ya tla le tshepela la sebele?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ha le sa ka la tshepahala ho Mamona o sa lokang, ke mang ya tla le tshepa maruo a nnete?

Ver Capítulo Copiar




Luka 16:11
9 Referencias Cruzadas  

Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi: hobane o tla hloya e mong, mme a rate e mong; kapa o tla khomarela e mong, a nyelise e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Maruo.


Rekisang ka tseo le nang le tsona, mme le fane ka dithuso; ikeleng mekotla e sa tsofalang, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng, le moo tshwele e sa bodiseng.


Ekare ha le sa ka la tshepahala ho tsa e mong, ke mang ya tla le nea seo e leng sa lona?


Mme nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka Mamona o sa lokang; e le hore, ha le hloleha, ba le amohele meahong e sa feleng.


Yare ha Jesu a utlwa taba tseo, a re ho yena: O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;


Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;


Banabeso ba ratwang, mamelang: Na Modimo ha o a ka wa kgetha mafutsana a lefatshe lena hore e be barui ba tumelo, le majalefa a mmuso oo o o tshepisitseng ba o ratang na?


Ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tshweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di se ke tsa bonahala; mme o tlotse mahlo a hao ka moriana wa mahlo, hore o tle o bone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos